E-ba karolo ea ho ho loanela lefatše, setso le bonngoe ba merabe ea matsoalloa – AfriForum
AfriForum e ipiletsa ho merabe ea setso, Khoi-San le merabe e meng ea setso le ea bolumeli hore e kopanele ntoeng ea ho sireletsa litokelo tsa setso le tsa merabe, ho tiisa hore li finyelloa ka botlalo. Boipiletso bona bo etsoa ka mor’a hore AfriForum e romele litlhaloso tse ngata ka Bili ea Baeta-pele ba Setso le ba Khoisan ka la 14 Phato.
Har’a lintho tse ling, litlhaloso tsa AfriForum li totobatsa ho hatakeloa ha litokelo tsa merabe ea matsoalloa; matla a feteletseng le a sa lokelang a fuoeng bahlanka ba ‘muso; ho se utloisise le ho senngoa ha molao oa setso; ho etelletsa pele lithahasello tsa ‘muso, le ho hlokomoloha le ho nyenyefatsa lithahasello tsa sechaba. Ho etsa molao o sa hlahlojoeng ke sechaba, o khahlanong le setso sa Makhoisan le sa merabe e meng ea matsoalloa.
Ho ea ka Barend Uys, Hlooho ea Likamano le Tšebelisano ea Merabe e sa Tšoaneng, AfriForum, ha molao o ntse o sebetsa ka tsela e o sebetsang ka yone hona joale, o lumella tona-khōlō ea profinse hore e fetole mokhoa wa taolo libakeng tsa sechaba sa matsoalloa ho sa tsotellehe hore na lekhotla la setso le lumellana le seo kapa che.
“Hona joale, ho ea ka Karolo ea 20 ea Molao oa Phetoho ea Molao oa Tsamaiso ea Mobu oa 112 oa 1991, sechaba sa matsoalloa a moo se ka kōpa letona le khethiloeng hore le fetisetse thepa ea sona ea naha ho sechaba hore e be ea sona. Boholo ba libaka tsa merabe ea matsoalloa li ntse li le tlas’a taolo ea ‘muso. ‘Muso o li laola bakeng sa lichaba. ‘Nete ke hore ‘muso ha o etse boiteko ba ho sebelisa molao o teng hona joale ho fetisetsa naha ea sechaba tlas’a taolo ea sechaba. Uys o re, ka lebaka leo, temana ena e khahlanong le litokelo tsa naha le litokelo tsa matsoalloa.
“Boemo ba hona joale bo bontša kamoo ‘muso o hlokomolohang ka ho feletseng litokelo tsa merabe tsa ho ba le mobu naheng ea habo rōna, ‘me ha o ikemisetse ho fetola sena. Sena se tiisa lebaka leo ka lona lichaba le baahi ba lokelang ho loana khahlanong le Molao oa ho Nkeloa Mobu, joalokaha AfriForum e etsa hona joale.”
AfriForum e lumela hore molao ona o ama setso le litso tsa Makhoi-San, hammoho le tsa lichaba tse ling ‘me o sokela ho ba teng ha lichaba tsa matsoalloa.
“Ho tšoenyang hore ebe Molao ona oa Motheo o hlokomoloha litokelo tsa merabe ea matsoalloa a moo le tsa merabe e meng, joalokaha o tiisoa ke Tokomane ea Afrika ea Litokelo tsa Botho le tsa Merabe le Phatlalatso ea Machaba a Kopaneng ea Litokelo tsa Batho ba Matsoalloa (UNDRIP), eo Afrika Boroa e leng setho sa eona; hape o sebelisa matla a oona a bolaoli ntle le ho utloa maikutlo a sechaba pele, e leng se etsang hore ho se ke ha e-ba bonolo ho etsa molao o tla nolofalletsa merabe ena hore e phele ka tsela ea eona ea setso, joalokaha ho laetsoe ke Karolo ea 235 ea Molao oa Motheo, e le hore e iketsetse bokamoso ba eona.”
“Molao o amanang le merabe ea setso le boeta-pele ba eona o lokela ho etella pele merabe ea setso le mekhoa ea eona ea bophelo, hammoho le pono ea lefatše ka merabe eo le litekanyetso tsa eona Ka hona, AfriForum e ipiletsa ho lichaba tsohle tsa setso hore li inehele le ho ba matla ‘me li sebetse hammoho ho netefatsa bokamoso bo betere bakeng sa lichaba tsohle tsa naha ea habo rōna.”



