Dikamano tsa Ditso tse Fapaneng le Tshebedisano ho AfriForum: Dintlhakgolo tsa 2025

 Selemo sa 2025 e bile selemo se setle bakeng sa Dikamano tsa Ditso tse Fapaneng le Tshebedisano ho AfriForum, mme ka lebaka leo re hetla dintlhakgolo ka diteboho tse kgolo.

AfriForum e ntshetsa pele tswelopele ya dibaka tsa mahae

Projeke ya meroho Noga’s Post bodulong bo ka ntle ho Thaba Nchu Freistata, e neng e etswe ke baahi,  Mofumahadi Gaboilelwe Moroka, AfriForum le Saai, ka Tlhakola e ile ya kotula dieie tsa boima ba 800 kg. Kotulo ena e ile ya rekisetswa metse e haufi le dikolo, mme tse ding tsa dieie di ile tsa fuwa batho ba qhwadileng le maqheku setjhabeng. Tjhelete e ileng  ya bokeletswa ha ho rekiswa kotulo ena e ile ya sebedisetswa ho reka tse hlokwang bakeng sa nakong e latelang ya ho lema, hape e ile ya eba lekeno la batho lemang. Ditho tsa tsa baahi hape di ne di le motlotlo hore di kgonne ho fa Mofumahadi Gaboilelwe le Mofumahadi Gaongalelwe Moroka (mme wa mofumahadi Gaboilelwe)  tse ding tsa di eie.

Ka Mmesa, AfriForum e ile ya etela  diporojeke tsa sebaka sa dikgoho tsa mahe le sa thuo ya dipodi polasing ya Blijdskap haufi le Thaba ’Nchu Freistata Botjhabela, ruri e ne e le ntho e thabisang haholo ho bona kamoo diporojeke tseo di neng di tswela pele ka teng.

 Ka Motsheanong, AfriForum le Saai, mmoho le Mofumahadi Gaboilelwe Moroka, ba bile le dikopano tsa bohlokwa  tse mabapi le ntshetsopele ya temo le tjhelete ya ho ntshetsa pele temo nakong ya selemo le selemo Letsatsi la Kotulo la Nampo (Nampo Harvest Day) haufi le Bothaville.

 AfriForum le Saai ba kopantse matsoho le Kgosatsana Gaongalelwe Moiloa, motheimmoho wa Bahurutshe Ba Ga Moiloa Foundation, leetong la hae la ho hola ho tloha moleming e monyane ho ba molemi e moholo.  Mokgwa wa ho nosetsa ka matla a solar o ile wa kenngwa tshebetsong ka Mphalane e le ho ntlafatsa tlhahiso, ho dula ho intshetsa pele le ho etsa phaello tshebetsong ya hae ya temo. Kgosatsana Gaongalelwe o ne a se a ntse a tsamaisa kotulo e atlehileng ya mekotla e 200 ya ditapole tseo a neng a di lemme ka 2024 mme o ne a lemme ditapole, ditamati, pepere e tala (green pepper), dinawa le eie e kgubedu nakong ya temo ya jwale.  Hape o boetse o lema ditapole le kgetlo la bobedi bakeng sa Phuputso ya Khansele ya Temo (Agriculture Research Council). O lema karolong   ya polasi e bitswang Jagersfontein Tikolohong ya Mahikeng jwalo ka mojalefa wa Batshweneng Communual Property Association, eo e leng monga polasi.

 AfriForum, Batsamaisi ba  Ntlo ya Naha ya Marena a Setso le Baetapele ba Khoi-San (Executive of the National House of Traditional and Khoi-San Leaders (NHTKL), Saai le ofisi ya Morena e Moholo (Morena wa Setso wa Sehlooho ) Montoeli Mota wa Batlokwa Ba Mota ba phatlaladitse mokgwa o atlehileng wa ho kenya tshebetsong phepelo ya metsi ka solar le serapa sa meroho sa lehae ka Pudungwana. Serapa sa meroho ha se na fepela meroho feela ho phepelo ya dijo ya lehae (local feeding scheme), eo mothating wa jwale e tobaneng le dikgaello tsa meroho, empa hape o hlahisitse monyetla  bakeng sa thupelo ya ditho tsa baahi,  phetisetso ya bokgoni le una kuno. Tanka ya metsi, e fumantshang baahi metsi,  le yona e ile ya kenngwa tshebetsong. Hona ho etsahala nakong eo NHTKL  e etelang pele selekane se e tsang nalane jwalo ka karolo  ya thakgolo ya Lenaka Memorial Lecutre e tshwarwang selemo le selemo e neng e tshwaretso Sekolong se Phahameng sa Manthatisi Sedibeng, Tsheseng,  QwaQwa Provenseng ya Freistata mafelong a 2024.

AfriForum le Saai di ile tsa kopanya matsoho le Morena Zweloxolo Stokwe letsholong la  Boithaopo ba Phumaneho ya Dijo metseng ya Mahae  ( Adopt-A-Village Rural Food Security Initiative) ho matlafatsa baahi ba Mtingwevu haufi le Cala, Kapa Botjhabela, ka tsebo ya ho jala sethopo bakeng sa dirapa tsa bona tsa meroho. Ka kakanyo ditho tse 55 tsa baahi ho tswa malapeng a 50 di bile teng thupelong, e neng e fanwa ke Stark Ayres ka Pudungwana. Morena Zweloxolo Stokwe ke moetapele wa setso wa baahi ba setso ba AmaQwathi. Thupelo ena e latela  katamelo ya AfriForum  ya Adopt-A-Village Rural Food Security Initiative e mabapi le kgonahalo ya tshebedisano. Dipheo tse  ka sehloohong sa boithapo bona ke ho tsosolosa tlhahiso ya meroho malapeng, le ho fokotsa ho itshetleha mmusong ka dikrante, le ho ntshetsa pele boikemelo ka kakaretso le mekgwa e nepahetseng ya ho ja, le ho kgothaletsa boitshwaro bo botle, tiisetso, le semelo se matla sa ho sebetsa ka thata. Diphihlello tseo boithaopo bo lakatsang ho di fihlela di kenyeletsa phumaneho ya dijo le ntshetsopele ya baahi ba metse ya mahaeng, ntshetsopele ya bokgoni, phokotso ya bofuma, le bophelo bo botle ba baahi ka tlhokomediso ya phepo e ntle le mekgwa ya ho lema ho sa sebediswe manyolo a boiketsong empa monontsha ya tlhaho.

 Ditho tsa setjhaba sa Batlokoa ba Mota sa baahi ba setso Tsheseng , QwaQwa, Freistata di ile tsa fumana thupelo ya tlhahiso ya meroho ho hlaha ho AfriForum ka Tshitwe, e neng e tsepamiseditse maikutlo mekgweng ya ho baballa mobu ka ditsela tse ngata (regenerative agriculature) e etsweditsweng ka kotloloho baahi ba nang le mehlodi e fokolang. Thupelo e ne e kenyeleditse ntlafatso ya bophelo ba tokiso ya mobu ka ho kwahela mobu ka mahlaku, jwang le mahlaka le dintho tse ding tse ka sireletsang mobu hore o boloke metsi le ho mamella boemong ba lehodimo le ho laola lehola, ho lema, tlhokomelo ka  kakaretso mmoho le ho bokgoni ho tsa bophelo. Hona ke mohato o latelang tshebetsong ya ho tshehetsa baahi ho matlafatsa boikemelo le bointshetsopele ba bona bo etswang tlasa selekane se etsang nalane se phethahatswang tlasa boetapele ba Batsamaisi  ba  Ntlo ya Naha ya Marena a Setso le Baetapele ba Khoi-San (NHTKL) le AfriForum, Saai le ofisi ya Morena e Moholo (Moetapele wa Sehlooho wa Setso) Montoeli Mota wa Batlokoa Ba Mota jwalo ka balekane.

AfriForum e ntshetsa pele dikamano tse ntle le tshebedisano

 AfriForum le Barolong ba Seleka ka Tlhakubele, ba ile ba etsasehopotso sa selekane sa mahatammoho le bolekane se ileng sa saenwa dilemo tse 160 tse fetileng  mahareng a Morena wa mehleng wa Barolong Boo Seleka, Morena Moroka wa II, le Rephaboliki ya Orange Free State (OFS).  Ketsahalo ena e etsang nalane e nkwa e le qaleho tshebedisano ya semolao le temoho ya kutlwano mahareng a Maafrikanere le Barolong Boo Seleka. Ketsahalo ena ya sehopotso  e ne e le ho kgurumolla majwe a mabitle a neng a sa tswa ntjhafatswa a lelapa la borena la Barolong Boo Seleka le nako ya ho  keteka tlhomamiso ya mmuso wa pele wa Voortrekker ka 1836 Thaba Nchu.

 Ka Mmesa 2025, AfriForum e ile ya ya moketeng wa dikapeso wa baithuti ba hlahang Thaba Nchu – ho kenyeleditswe baithuti ba tswang Noga’s Post – bao dithuto tsa bona di neng di tsheheditswe ke Global University for Lifelong Learning, the Central University of Technology, le  the Yunivesithi ya Freistata.

  AfriForum e ile ya abelana tlhahisoleseing  e mabapi le dikamano tse matla tsa jwale tse etsang nalane mahareng a Maafrikanere le setjhaba sa  Barolong Boo Seleka nakong ya ithaviu ho seyalemoya sa Mmabatho FM ka Motsheanong.

 Ka Phuptjane  AfriFurum e ile ya thoholetsa AmaBhele National Association (Amanasso) ka kamohelo e atlehileng ya pele ya Ndlela KaSompisi Memorial Lecture e tshwarwang selemo le selemo. Mokgatlo wa ditokelo tsa tsa baahi o ile wa ya thupelong  mme wa ntsha maikutlo a tshepo a hore ketsahalo ena e tla ntlafatsa seabo sa bohlokwa dipuisano tsa setjhaba ka kakaretso naheng nakong e tlang. Thupelo e ne e tshwerwe Durban.

 AfriForum le Morena e Moholo Kgafela Kgafela II wa baahi ba setso ba  Bakgatla Ba Kgafela ba ile ba saena temoho e etsang nalane  le selekane sa tshebedisano Motse Kapa  ka Phuptjane.  Ba bile ba phatlalatsa hore ba ne ba tla sebedisana ho matlafatsa boikemelo ba setso, boikemelo ho tsa bophelo, ntshetsopele ya temo le poloko ya boitsebahatso ba setso.

Ka Phato, AfriForm, mmoho le Adopt-A-Village Rural Food Security Initiative di ile tsa etela Morena Zweloxolo Stokwe wa setjhaba sa setso sa AmaQwathi  le baahi ba Mtingwevu ho buisana ka kgonahalo ya ho elana hloko le tshebedisoano.

 Ka Phato,  AfriForum e ile ya ya tekolong ya mahare a selemo (IMbizo) ya Ntlo ya Naha ya Marena a Setso le Baetapele ba Khoi-San ba etsa nehelano e tsepameng ho phedisano ka kgotso, ba utulla kgonahalo ya mobu le batho,  ho nahanisisa ka pusetso ya naha,  mekgatlo ya thepa e kopanetsweng ya setjhaba, metsi, le tshebedisno bakeng sa molemo o thusang mahlakore ohle.

AfriForum e ile ya lakaletsa Motlotlehi Morena Misuzulu katlehong ya Mokete wa Boreneng wa Lehlaka (Royal Reed Dance Celebration) wa selemo le selemo o neng o tshwaretswe Ntlong ya Borena ya eMashobeni ka borwa ho Pongola  KwaZulu-Natal mohla la 13 ho isa ho la 14 Loetse. E ne e le mokete o etsang nalane le ho tiisa sekgahla se setle sa nalane e ntjha ya Mmuso wa ha Zulu kaha e ne e le lekgetlo la pele hore ketsahalo e tshwarelo Ntlong ya Borena ya Motlotlehi mme ho ile ha etswa mosebetsi o mongata nako e kgutshwane  ho etsa keteko e atlehileng e kgonahale. AfriForum hape e bile le monyetla wa ho ba teng meketeng jwalo ka baeti ba Morena Misuzulu.

Mafelong a Loetse,  ka memo ya Morena Mogakodi Masibi, AfriForum  e ile ya ya Ngwao Moswa Cultural and Heritage Festival ya Batlharo Boo Tokwana Ba Ga Masibi ba Disaneng, haufi le Mahikeng Leboya Bophirima, mme ya fana ka molaetsa wa tshehetso.

Ka Mphalane, AfriForum e bile  teng ho Mahumani Multi-Cultural and Heritage Nkomo, haufi le Giyani Limpopo, ka memo ya Morena Nkom V Mahumani wa setjhaba sa setso sa Mahumani.

Ka Mphalane, AfriForum e ile ya ya ho AmaBhele AseLenge Inkciyo Mavuso,  kantlenyana ho Alice Kolone Botjhabela, mme ya fetisa molaetsa wa tshehetso lebitsong la Boithapo Tshebedisano ba Baahi ba Ditso tse Fapaneng ( Cultural Communities Collaborative Initiative).

 Ka Mphalane, AfriForum le Mofts. Lebo Mosime wa Thabake Business Enterprise ba ile ba amohela sehlopha sa baithuti ba sekolo sa  matjhaba  se tswang School of Ethics and Gobal Leadership (SEGL) polasing ya Boekenhoutfontein haufi le Phokeng Leboya Bophorima. Ba ile ba rerisana le baithuti  ka dinnete tsa thuo ya mobu le ditokelo tsa thepa Afrika Borwa, le diphephetso  tse tobaneng le balemi ba ntseng ba thuthuha, le se ka fihlellwang  ka tshebedisano mahareng a baahi ba ditso tse fapaneng.

AfriForum e ile ya nka karolo kopanong ya baetapele ba baahi ba ditso tse fapaneng tse ngata tsa Afrika Borwa e neng e tshwerwe ka Mphalane,  nakong eo Marangrang a Baahi ba Ditso tse Fapaneng (CCN) e neng e thewe semolao.  CCN ke boithaopo ba tshebedisano ba ditso tse fapaneng e inehetseng ho netefatsa bokamoso ba kgotso le katleho ba bana ba baahi bohle ba ditso tse fapaneng naheng. CCN e sebetsa jwalo ka foramo ya baahi ba ditso tse fapaneng ho rerisana ka tsela e nang le moelelo, ka maikemisetso a matle a ditaba tsa tshebedisano le tse ba amang tse folang bohle molemo ka kutlwano. CNN e ne e thewe ka kananelo ya  Melawana ya Tsamaiso (Rules of Order) ya kopano ya CCN ke barumuwa ba 38 ho hlaha baahing ba dtso tse fapaneng tse 26 ho phatlalla le diprovese tsohle tse ileng tsa ba teng kopanong ya ho theha semmuso Pretoria. Dipuisano kopanong ena ya pele eo ho kopanweng ka seqo ya CCN e ne e itshetlehile ho mekotaba e mmedi e ka sehloohong: ho ananela ditokelo tsa setso le ntshetsopele ya moruo le phedisano.

 Ka Pudungwana, AfriForum e ile ya e ba teng ho Lenaka Memorial Lecture eo Ntlo ya Naha ya Marena a Setso le Baetapele ba Khoi-San e neng  e amohela baeti mme  e ile ya fana ka molaetsa wa tshehetso nakong ya ketsahalo.

Ka Pudungwana, Afriforum e bile teng dipuisanong  hara dibui tsa Maafrikanere tse neng di hlophisitswe ke Cape Forum.

 Tshehetso ya AfriForum nakong e hlokahalang

 AfriForum e ile ya etsa boipiletso ba potakileng ho Dean Macpherson, Letona la Mesebetsi ya Setjhaba le Marangrang, ho hlahloba ho heleha ha karolo ya setsi sa diofisi tsa Khansele ya Setso ya Batlharo Boo Tokwana Ba Ga Masibi ya baahi ba setso ba Disaneng , haufi le Mahikeng, Leboya Bophirima  ka Tlhakubele. Ofisi ena e ile ya heleha kammoho ka Laboraro mohla la 29 Pherekgong, ka 18:30 – dihora tse mmalwa feela ka mora hore motho wa ho qetela a tswe moahong.

AfriForum e sireletsa ditokelo tsa setso

Ka Tlhakola, AfriForum e ile ya romela ditshwaelo tse ngotsweng  mabapi le Setshwantsho sa molao sa Boetapele ba Setso sa Khoi-San, mme ka Tlhakubele e ile ya ipiletsa ho Letona Velenkosini Hlabisa  wa  Lefapha la Kopanelo ya Mmuso  le Ditaba tsa Marena (Cooperative Governance and Traditional Affairs ) ho kena dipakeng molemong wa baahi ba ditso tse fapaneng le ho kenya tshebetsong diphetoho tsa bohlokwa ho setshwantsho sa molao.  AfriForum e ile ya nganga hore, sebopehong sa ona sa jwale, molao o kgahlano  le Phatlalatso ya Matjhaba a Kopaneng  (United Nations Declaration) hodima Ditokelo tsa Baahi  ba Matswallwa (Rights of Indigenous Peoples (UNDRIP)). AfriForum e ile ya tswela pele ho toboketsa  hore setshwantsho sa molao se tlameha ho fetolwa  ho bontsha tlhompho le  ho nahana ka seriti sa baetapele ba borena, malapa  le baahi, mme se ba matlafaetse ho etella pele leeto le lebisang pheletsong eo ba e batlang le ho ipopa.

AfriForum e ile ya romela lengolo ho Tonakgolo ya KwaZulu-Natal, Thami Ntuli, ka Motsheanong e mo susumetsa ho nka mehato e potlakileng  ho thibela mehato e seng molaong le e  hlokang toka kgahlano le marenana (boramohlongwana) ho fuputsa ka potlako mehato e seng molaong kgahlano le marena a setso ka hare ho provense. Hona ho ne ho latela dikopo tsa tshehetso eo AfriForum e di fumaneng ho tswa ho baetapele ba setso le ditho tsa baahi tse amanang le diketso tseo ho thweng Lefapha la provense la  Kopanelo ya Mmuso  le Ditaba tsa Marena le di nkileng kgahlano le baetapele ba setso tse tobaneng le ho ba tlosa maemong a bona.

Ka Motsheanong, AfriForum e ile ya etsa kgwelehetso ho palamente ho ikobela nako e behilweng ke Lekgotla la Molao wa Motheo bakeng sa ho fetola molao kapa ho lokisa ditshebetso tsa molao tse neng di nkwa di le kgahlano le molao wa motheo kapa di sa nepahala. Hona ho latela taelo ya lekgotla ya motsotso wa ho qetela ya mohla la 29 Motsheanong, e ekeditseng nako bakeng sa ho ananela ho latela molao wa motheo Molao wa 3, wa 2019 wa Boetapele ba Marena a Khoi-San (Traditional and Khoi-San Leadership Act) kapa molao o motjha, ka dilemo tse  pedi ho fihla mohla la 29 Motsheanong 2027. Mohla la 29 Motsheanong e ne e le letsatsi la Lekgotla la Molao wa Motheo bakeng sa ho ananela molao.

 AfriForum, e ile ya romela kemedi e ngotsweng kgahlano le  Phetolo ya  bo 22  ya Setshwantsho sa molao wa Mzwanele Manyi ya Molaotheo – e  neng e ikemiseditse ho fedisa thuo ya mobu ya poraevete naheng le ho etsa hore mmuso e be mohlokomedi wa naha yohle le mehlodi ya tlhlaho ka ho fetola Karolo ya 25  ya Molao wa motheo,  ka Phato. AfriForum e ile ya supa hore Setshwantsho sa molao e ne e le tlhaselo ho thuo ya mobu o poraevete le baahi bohle ba setso le ba bang ba sebeletsang ho lebiseng boikgoneng, le boikemelo ba setso le ho iketsetsa diqeto tse ka hare  ho latela molao wa matjhaba. AfriForum e ile ya toboketsa hore diphetoho tse sisintsweng  di ne di tla ba kgahlano le Ditokelo tsa Dipolotiki tsa Baahi tsa Selekane sa Matjhaba (International Covenant on Civil and Political Rights), mmoho le Diathekile tsa 3, 14, 19, 20, 21, le 28 tsa African Charter ho Ditokello tsa Botho le Batho (Human and Peoples Rights) mme ya etsa kgwelehetso ho baahi bohle ba ditso tse fapaneng le baetapele ba bona  ho sebedisa ka potlako Karolo ya  20 ya Upgrading of Land Tenure Rights ya Molao wa 112 wa 1991 ho boloka dithaetlelediti tsa mobu oo ba neng ba o laola.  AfriForum e ile ya tswela pele ho toboketsa hore diphetoho  di etsa baahi ba ditso tse fapaneng le baetapele ba bona ba borena ba ba sebeletsang  jwalo ka baetapele, e be bahiri ba dinako tsohle mobung oo e le wa bona le ho ba thibela ho rua ka molao naha ya bona le ho ntshetsa pele taolo e feletseng e hlokang tshitiso ho yona. Di ne di  tla thibela ho busetsa seriti se feletseng , seriti sa setso le ho ithata ha baahi ba ditso tse fapaneng le baetapele ba bona ba borena, kaha ba tla nkwa e le batho ba hlaloswang motjhaotjhele ba sa “lokela” ho rua le ho laola mobu wa bona. AfriForum hape e ile ya hlokomedisa hore di tla fokodisa taolo le tshusumetso ya baetapele ba borena, metheo ya boetapele ba setso le mekgatlo e meng ya baahi, e ntse e tswela pele ho fokotsa ditokelo tsa boikemelo tsa setso ka kakaretso. Phetoho ena e tla kgonahatsa kgatello e tswelang pele le e eketsehileng ya bahlanka ba mmuso hodima tswelopele, taolo le puso ya naha le thepa ya baahi ba ditso tse fapaneng le dibaka tseo ba phelang ho tsona.

Similar Posts

Ons is Afrikaners