|

AfriForum e nyatsa Lefapha bakeng sa ho se fetisetse naha ho baahi ba Dennilton

Barend Uys (English)

Ka la 25 Phato, AfriForum e ile ea batla likarabo Lefapheng la Limpopo la ho Khutlisetsa Batho Libaka le Ntšetso-pele ea Mahaeng ka mor’a hore Lefapha le hlōlehe ho romela tlaleho ea tsoelo-pele mabapi le ho fetisoa ha mobu ho Mokhatlo oa Dennilton oa Beng ba Mobu. Khato ena e ile ea latela ka mora ho romeloa ha lengolo le mabapi le taba ena mokhatlong oa litokelo tsa botho ka Mmesa le Motsheanong selemong sena ka mor’a hore Mokhatlo oa Beng ba Mobu o ikopanye le AfriForum bakeng sa tšehetso. Likōpo tsa pele tsa ho khutlisetsa naha ho beng ba eona li ile tsa romeloa ka Phupu 2017, empa ho bonahala ho se na tsoelo-pele e etsahetseng ho tloha ka nako eo. Ba nang le mobu ba ile ba kōpa hore ba khutlisetsoe ho mobu wa bona ho latela Molao oa ho Fetola Litokelo Tsa Mobu oa bo111 oa ka 1993

“Litho tsa Mokhatlo oa Beng ba Mobu oa Dennilton li tobane le mathata a maholo ka lebaka la ho hloka litokelo tsa molao tsa mobu wa tsona. Ho kenngoa ha lipeipi tsa metsi le ho hahoa ha liindasteri tsa matla a letsatsi hona joale ho ntse ho tsoela pele, ‘me ho hloka sebaka ho hatakela litokelo tsa mong’a sebaka. Barend Uys, e leng Hlooho: Dikamano tsa Ditso tse  Fapaneng le Tshebedisano AfriForum, o re: “Ba boetse ba tobane le mathata a bakoang ke batho ba ipehileng dibakeng tsa bona hape ba tšoenyeha ka hore haufinyane baahi ba sa tsejoeng ba tla batla ho ba nkela libaka tsa bona tsa bolulo”.

Boitšoaro ba Lefapha bo hlahisa lipotso tse tebileng mabapi le boikemisetso ba mmuso o eteletsweng pele ke ANC mabapi le litokelo tsa batho tsa dibaka le ho ba le dibaka tsa bona. Uys a re batho ba motse ona ba sa le ba letile lilemo tse ka bang leshome ba emetse ho fuoa lefatše la bone. “Liketso li bua ho feta mantsoe — ho hlakile hore ba boholong ha ba nkele litokelo tsa baahi bana tsa ho ba beng ba mobu oa bona ka botebo. Sena se tiisa matšoenyeho a tebileng a AfriForum mabapi le boiteko bo tsoelang pele ba mmuso ba ho fa ba boholong maemong a fapaneng a mmuso matla a ho nka dibaka ntle le puseletso.”

Ho ea ka Uys, ho hlōleha ha ba boholong ho sebelisa ka botlalo molao o teng oa ho fetisetsa mobu ho batho le ho baahi ke ntho e tšoenyang. “Muso o boetse oa hlōleha ho sebelisa Molao oa Ntlafatso ea Litokelo tsa Naha oa 112, oa ka 1991, ‘me ho ‘nile ha etsoa boiteko ba ho o felisa.

Sena se etsahala ho sa tsotellehe hore Molao o boetse o laela hore merabe ea matsoalloa e fuoe sebaka sa eona. Ho hlakile hore ‘muso o etelletsoeng pele ke ANC o sitisa ka boomo ho fetisetsoa ha mobu ho beng ba oona ka boiteko ba ho laola baahi ka tsela e sa lokelang”, o bolela joalo. AfriForum e khothalletsa merabe ea matsoalloa le baahi ba bang hore ba qale lenaneo la ho fetisetsa libaka tsa bona tsa mobu ho beng ba oona ho latela molao ona, e le hore ba ka sireletsa naha ea bona molemong oa meloko e tlang.

Uys o phethela ka ho re: “Ho ba mong’a mobu ke senotlolo sa katleho”.

Become a member

Make a donation

Similar Posts

Ons is Afrikaners