AfriForum e nyatsa dipolelo tse kgopisang le tse qholotsang meruso
AfriForum e entse boipiletso bo potlakileng ho baahi, haholoholo ho batho ba boemong ba boetapele, ho se etse dipolelo tse kgopisang kapa tse qholotsang meruso kapa ho hasanya dividio tse nang le dipolelo tse ka bakang tsitsipano mahareng a baahi le ditjhaba tsa ditso tse fapaneng. Ho ya ka AfriForum, ho hlokolotsi hore kamehla ho etswe tsohle ka kelohloko le tlhompho tse lebisitsweng ditjhabeng le baahing ba ditso tse fapaneng. Boipiletso ba AfriForum bo latela kamora vidio, e sebedisitseng puo e tshosang le e kgopisang, e phatlaladitsweng ho marangrang a ditaba tsa setjhaba bekeng e fetileng, mme le basebetsi ba mmuso le baetapele ba dipolotiki ba buile dipolelo tse kgopisang le tse qholotsang meruso tse bakang tsitsipano mahareng a ditjhaba tsa ditso tse fapaneng.
“AfriForum e nyatsa ntle le qeaqeo puo e kgopisang le e tshosang e lebisitsweng ditjhabeng tse ding tsa ditsotse fapaneng e sebedisitsweng vidiong. Ho tshwaya AfriForum, mokgatlo wa ditokelo tsa baahi o etsang ditabatabelong tsa baahi, jwalo ka “mokgatlo o sa rateng naha” le “o nang le kgethollo ya morabe”, jwalo ka ha Motlatsi wa Mongodikakaretso wa Pele ya ANC, Nomvula Mokonyane, a buile, ha ho amohelehe,” ho realo Barend Uys, Hlooho ya Dikamano tsa Ditso le Tshebedisano (Head of Intercul Relations and Cooperation) ho AfriForum.
AfriForum hape e nka polelo ya Mahlengi-Motsiri, Sebuelli sa ANC sa Naha, hore AfriForum “ha e a lokela ho tlohelwa e le nngwe” e se nkwe ha ha bobebe. “Tsitlallo ya hae ya hore ANC ‘e lokela ho kopanya Maafrika Borwa’ ha e tsamaelane le diketse tsa mokga tse arolang le dipolelo tse lebisitsweng ho AfriForum. Ho fapana le seo a se bolelang, ke maano a ANC a kahare ho naha le matjhabeng a bakileng tshenyo tshobotsing ya Afrika Borwa,” ho hlalosa Uys.
Mokgatlo wa ditokelotsa baahi hape o toboketsa polelo e entsweng ke Vincent Magwenya, Sebuelli sa Kantoro ya Mopresidente, hore AfriForum e “jala dikarohano tsa merabe le ho jala tshabo” e hloka nnete ka hohlehohle. “AfriForum hantlentle e sebetsa le baahi ba mahaeng le ditoropong le ho phatlalla le meedi ho ntlafatsa maemo a bophelo ba baahi ho tloha boemong bo tlase. Ntle le tikatiko ke dipolelo tsa basebetsi ba mmuso ba jwalo ka Magwenya le boradipolotiko ba jwalo ka Bhengu-Motsiri, bao kannete, ba bakang karohano ya merabe le ho duka phedisano ka kgotso Afrika Borwa. ANC hantlentle e qosa AfriForum ka seo ba leng molato wa sona,” ha realo Uys ha a phethela.