AfriForum e etsa kgweeletso baahing ho sebetsa mmoho ho sireletsa Karolo ya 235

Barend Uys (English)

AfriForum e etsa kgweeletso ho baahi ba ditso tse fapaneng le baahi ba bang le baetapele ba bona ho sebedisana mmoho molemong wa bohle ho netefatsa hore Karolo ya 235 ya Molao wa motheo e dule e bolokuwe e sa fetohe. Boipiletso bona bo latela karabelo ya tsebiso e entsweng ke Mzwanele Manyi, wa Mokga wa MK (MKP) MP, mabapi le morero wa hae wa Setshwantsho sa molao sa bo-24 se Fetolang Molao wa motheo (24th Amendment Bill of the Constitution), seo sepheo sa sona e leng ho hlakola Karolo ya 235 ya Molao wa motheo mme kahoo ho amoha baahi ba ditso tse fapaneng le baahi ba bang tokelo ya ho iketsetsa diqeto. AfriForum e rometse boipiletso bo ngotsweng mabapi le hona ka Sontaha (26 Mmesa 2026).

Ho ya ka Barend Uys, Hlooho ya Dikamano tsa Ditso tse Fapaneng  le Tshebedisano  ho AfriForum, phetolo ena e sisintsweng ke tlhaselo ho baahi ba ditso tse fapaneng tse tsitlalletseng ho ikgwantlella, boikemelo ba setso le ho iketsetsa diqeto ho ya ka molao wa Matjhaba a Kopaneng. Uys o boela a supa hore ho hlakolwa ha Karolo ya 235 ho tla ba kgahlano le Diatekele tsa 20 le 28 tsa African Charter tse tobaneng le Ditokelo tsa  Batho (Human and People’s Rights (ACHPR), Diatekele tsa 1,5, le 27 tsa Matjhaba a Kopaneng (UN) tsa  Selekane sa Matjhaba sa Phedisano le Ditokelo tsa Dipolotiki (International Covenant on Civil and Political Rights (ICCPR)), hammoho le Diatekele tsa 3, 4, le 8 tsa  Matjhaba a Kopaneng tsa Phatlalatso e hodima Ditokelo tsa Baahi ba Setso (UN Declaration on the Rights of Indigenous Peoples (UNDRIP).

AfriForum e hanyetsana ka matla ho hlaholweng ha Karolo ya 235 mme e sisinya hore e dule e bolokuwe e sa fetolwe ka mabaka a latelang, hara a mang:

  • Karolo ya 235 ya Molao wa motheo, e elang hloko, “mohopolo wa tokelo ya ho iketsetsa diqeto ha baahi ba nang le setso se tshwanang le bojalefa ba puo, ka hare ho sebaka sa Rephaboliki kapa tsela efe kapa efeng” e latela ACHPR,
  • Ka ho rerisana diketsong  tse lebisang ho hatakelwa ha tokelo ya ho iketsetsa diqeto jwalo ka ha di elwa hloko ke Karolo ya 235, MKP e etsa ho kgahlano le ACHPR, UNDRIP le ICCPR.
  • Mehato e nkuweng ke baahi ba boemong bo tlasetlase le baetapele ba borena di ka hare ho Karolo ya 235, mme MKP ka ho totobetseng e lefifing la ditaba tsa bohlokwa, maikemisetso, le dinnete tsa baahi ba ditso tse fapaneng naheng.
  • Diphetoho sisintsweng tsa jwale  le tsa nako e fetileng tsa  molao wa motheo ke MKP di rerile ho eketsa boitshunyako ba mmuso le ho etsa hore tsohle di be matsohong a mmuso tse ka bang le kgahlamelo e mpe hodima tokoloho le ditokelo tsa baahi le motho ka mong.
  • Boikitlaetso bona ba ho hlakola Karolo ya 235 ya Molao wa motheo ke tsela e kotsi ya ho sutha motjheng wa tharollo ka ho rerisana ho bebofaditseng ho thehwa ha tumellano ya hajwale ya Afrika Borwa.

Ho ya ka Uys, MKP e ile ya hlahahisa mabaka Palamenteng hore Karolo ya 235 ya Molao wa motheo e lokela ho hlakolwa hobane setjhaba sa Maafrikannere, jwalo ka Orania, di sebedisitse hampe ho tokafatsa boteng ba bona. “Ho ipapisitswe le se sisintsweng hajwale le nako e fetielng ya diphetohlo tsa molao wa motheo ke MKP, mohopolo ona e mpa e le moritaoke bakeng sa diketso tseo sepheo sa tsona e leng ho fedisa ha ditokelo tsa baahi ba ditso tse fapaneng, ditokelo tsa setso le ditokelo tsa thuo ya thepa, ka sephetho sa qetelo sa ho theha boitshunyako ba mmuso le hore mmuso o etse tsohle kamoo o ratang moo boradipolotiki ba nang le matla ohle hodima baahi, baetapele ba setso le motho ka mong ba nang le bolokolohi le matla a kginnweng. Boikemisetso bona ba bolaodi bo hlakile ha ho sisingwa ho hlakolwa ha Karolo ya 235 ya Molao wa motheo e balwang mmoho le Setshwantsho sa molao sa Phetolo ya Molao wa motheo sa MKP sa bo-22, seo sepheo sa sona e leng ho fedisa thuo ya mobu e praevete naheng le ho etsa mmuso motshwari wa mobu le mehlodi ya dimenerale ka ho fetola Karolo ya 235 ya Molao wa motheo.

MKP e tsitlallela  hore Karolo ya 235 e hloka Boafrika le hore tshireletso ya ditokelo tsa motho ka mong e tiisitswe ka ho lekaneng  ditokelong tsa sehlopha, ACHPR e sireletsa ka bohlale ditokelo tsa motho ka mong le ditokelo tsa sehlopha le mabapi le ho iketsetsa diqeto e le tokelo e ke keng ya amohuwa – ho hlakile hore bonnete ke MPK e hlokang Boafrika,” ha phethela Uys.

Sesotho

Similar Posts

Magsmisbruik