|

Setshwantsho sa Molao wa Boetapele ba Setso le Khoi-San kgahlano le phatlalatso ya Matjhaba a Kopaneng (UN), AfriForum e kopa Letona ho sebetsa tabatabelong ya baahi ba setso

Setshwantsho sa Molao wa Boetapele ba Setso le Khoi-San, sa 2024 (TKLB) sebopehong sa wona sa jwale, ho ya ka AfriForum, kgahlano le Phatlalatso ya Matjhaba a Kopaneng ho Ditokelo tsa Batho  ba Matswalla (UNDRIP). AfriForum, kahoo. Kajeno e entse boipiletso ho Velenkosini Hlabisa, Letona la Kopanelo ya Puso le Ditaba tsa Setso (Cooperate Governance and Traditional Affairs (COGTA)), ho sebetsa tabatabelong ya baahi ba setso le ho kenya diphetoho tsa bohlokwa ho setshwantsho sa molao.

Ho feta moo, AfriForum e supile hore setshwantsho sa molao se tlameha ho fetolwa ho supa tlhompho le ho nahanisisa seriti sa baetapele ba borena, malapa le baahi, le ho ba matlafatsa ho etella pele leeto le lebisang moo ba labalabelang ho fihla teng ho ipopa ka bobona. Lengolo la letona le latela kamora ditshwaelo tse ngotsweng tsa AfriForum setshwantshong sa molaong se hlahisitsweng bekeng e fetileng.

Ho ya ka Barend Uys, Hlooho ya Dikamano tsa Ditso le Tshebedisano ho AfriForum, mantswe a sebedisitsweng ho setshwantsho sa molao a ya hlobaetsa. Ka 2023 karabong ya palamente, Letona la COGTA le ile la rorisa UNDRIP jwalo ka moralo wa “bonyane boemo bo hlokahalang bakeng sa ho iphidisa, seriti, le ho phela ka boiketlo ha batho ba matswallwa” bo “phahamisang  disebediswa tsa ditokelo tsa jwale tsa botho mme di hlakisa kamoo di sebediswang maemong a ikgethang a  batho ba matswallwa”. Ho sa natswe ho dumellana ha  mmuso wa Afrika Borwa le phatlalatso ya UN, TKLB e hanana ka ho totobala le metheo ya phatlalatso eo o batlang ho e ananela.

Lengolong la yona ho Hlabisa, AfriForum e supa hore:

  • Setshwantsho sa molao se hloka toka mme  ha se a lokela kaha se dumella feela maemo a mabedi a boetapele bakeng sa ditjhaba tsa Khoi-San, empa maemo a mararo bakeng sa ditjhaba tsa setso.
  • Ditho tsa setjhaba sa Khoi-San di qheletswe ka thoko ho Khomishini ya ditaba tsa Khoi-San, esita le ha di loketse ka hlohlehohle ho tshwaeleng ho ditso, meetlo, le molao wa seholoholo wa ditjhaba tsa Khoi-San.
  • Ditemana tsa 16(18) le 16(19) di fa Tonakgolo matla a ho nka naha (hona ke  mokgwa o ka etswa ho mantswe “ fetola sebaka se tsamaisong ya hae semolao) ya setjhaba kamora dipuisano le khansele ya setso kapa khansele e ka tlase – hore na ba a dumellana kapa tjhe.
  • Tonakgolo e fuwe matla ho mesebetsi ya khansele ya setso ka ho phethahala nako e sa behwang ntle le ho dula ho hlahlojwa tswelopele.
  • Setshwantsho sa molao  se fa Tonakgolo matla le lentswe la qetelo tumellanong efe kapa efe e fihleletsweng ke khansele, se rola baetapele le dikhansele marapo ohle a taolo ya nnete.
  • Setshwantsho sa molao ha se fe dikhansele matla ho etella pele le ho rala le ho kenya tshebetsong ha ntshetsopele ya baahi matsapa a ho qala ho hong, mananeo le diprojeke mme se seha moedi wa bokgoni ba bona ho etsa phapang baahing ba bona.
  • Setshwantsho sa molao, sebopehong sa sona sa jwale, se kgahlano le diatekele tse fapaneng tsa UNDRIP.

“Mantswe a sebedisitsweng setshwantshong sa molao a fana ka maikutlo a hore ha se a etswa ho nahannwe ka ho ho sireletsa le ho ntshetsa pele baahi ba setso le meetlo, setso, dipuo, ditlwaelo le melao ya seholoholo le bojalefa. Ho bonahala hore sepheo  sa kgonahatsa taolo e feletseng ya bahlanka ba mmuso le ho seha moedi wa matsapa a ho qala ho hong le taolo ya baetapele ba borena, malapa a borena le dikhansele ho se etse ho bonahalang,” ha realo Uys.

Uys o pheella hore “ setshwantsho sa molao ho e na le hore se fe baetapele ba borena, khansele le baahi ho nka boikarabelo bakeng sa bokamoso ba bona le ho etella pele ntshetsopele, se seha moedi wa matsapa a ho qala ho hong mme se isa matsapa a ho  iqalla ho bahlanka ba mmuso.”

“Ho phedisana ka kgotso ha baahi bohle ba ditso tse fapaneng naheng ho itshetlehile ho theweng ha dikamano tse ntle mahareng a ditso tse fapaneng le tshebedisano mmoho e ipapisitseng le temoho ya kutlwano le tlhomphano. Ke ka lebaka leo AfriForum e dulang e bopa marangrang hara baahi ba ditso tse fapaneng a ka etsang hore ho thusanwe ditabeng tse jwalo ka tsena ho netefatsa bokamoso bo nang le katleho bakeng sa bana ba baahi bohle mona ntleng e ka borwa ya Afrika,” ha realo Uys ha a phethela.

Similar Posts