E tlotla bojalefa ba meloko e fetileng ka mosebetsi o nang le boinehelo o nanang le boitshwaro bo botle Letsatsing la Afrika

AfriForum e etsa kgweeletso ho baahi ba ditso tse fapaneng le mekgatlo ya baahi ho tlotla bojalefa ba meloko e fetileng ka mosebetsi wa boinehelo o lebisitsweng ho sireletsa bokamoso bo botle ba bana ba Afrika  le ho tsepamiso ya maikutlo e ntjhafaditsweng ho matlafatseng boitsebahatso ba setso, bolokolohi le toka. AfriForum e entse kgweeletso ena nakong ya ho keteka Letsatsi la Afrika Mohla la 25 Motseheanong.

AfriForum e sebetsa ka boinehlelo ho sireletsa bokamoso bo lokolohileng le bo nang le tswelopele bakeng sa Maafrikannere, ka phedisanommoho e nang le kgotso le baahi ba bang ba ditso tse fapaneng, karolong e ka borwa ba Afrika. Ka lebaka lena, AfriForum e bopa dikamano tse ntle le tshebedisanommoho, e ipapisitseng le ho elana hloko le tlhompho, le baahi ba bang ba ditso tse fapaneng, mme e etsa diprojeke le baahi ba boemo bo tlase  tse matlafatsang  boitsebahatso ba setso mmoho le boitshepo le boikemelo ba baahi.  “Re ke ke ra fetola bothata ba rona ba nako e fetileng, leha re ka rata ho etsa jwalo. Bokamoso bona, leha ho le jwalo, bo diatleng tsa rona – ke seo re tsepamiseditseng maikutlo ho sona; re kgetha boteng ba toka e tswelang pele,” ha realo Barend Uys, Hlooho ya Dikamano tsa Ditso tse Fapaneng le Tshebedisano ho AfriForum.

”Afrika e ile ya tswala Moafrikannere; ha re na lehae le leng. Kahoo ke tlotla ho rona ho sebedisanammoho ka boinehelo ho sireletsa bokamoso bakeng sa bana ba rona le bana ba baahi ba bang ba ditso tse fapaneng. Afrika le batho ba yona e na le bokgoni bo boholo, mme re dumela bokgoni bo tletseng ba kontinente ena ya rona e ntle bo ka sibollwa ke ha baahi ba nka boikarabelo ka bo bona, ho lokisa le ho ananela boitsebahatso bo phetseng hantle le boitshepo, ho matlafatseng boikemelo ba baahi, le ho sebetsa mmoho le baahi ba bang moo ho kgonahalang. Kajeno re hopola meloko e fetileng e intshitseng sehlabelo se seholo ho netefatsa hore bohle re ka ba le sebaka mona,” ha  realo Uys ha a phethela.

Similar Posts

Ons is Afrikaners