AfriForum lebohela Thupellong ea pele ea selemo se seng le se seng ea Sehopotso ea Mokhatlo oa Naha ea AmaBhele ea Ndlela KaSompisi (AmaBhele National Association on Ndlela KaSompisi Memorial Lecture)
AfriForum kajeno e lebohela AmaBhele National Association (Amanasso) ka ho tšoara Thupello ea pele ea selomo se seng le se seng ea Sehopotso ea Mokhatlo oa Naha ea AmaBhele ea Ndlela KaSompisi. Mokhatlo oa litokelo tsa baahi o bile teng thutong ‘me oa ntša maikutlo a tšepo a hore ketsahalo ena e tla ba le seabo sa bohlokoa lipuisanong tsa sechaba ka kakaretso naheng nakong e tlang. Thupello ena e ne e tšoeroe mohla la 1 Phupjane Thekong.
“Ho a thabisa hore morabe oa AmaBhele o nka boikarabelo ba ho boloka le ho ntšetsa pele boitsebahatso ba ona ba setso le bojalefa ka ho hopola nalane ea baetapele ba bileng le seabo sa bohlokoa nalaneng ea morabe oa bona le naha. Setso se itlhomphang le boikhantšo qalehong ea sechaba sa setso li hlokolotsi bakeng sa baahi ho tseba hore ba ka bopa seo ba se labalabelang ho se fihlela,” ho realo Barend Uys, Hlooho ea Likamano tsa Litso tse Kopaneng le Tšebelisano (Head of Intercultural Relations and Cooperation) .
Morabe oa AmaBhele ho phatlalla le naha o bile ntsoeleng ho theha Amanasso ka 1970 ka sepheo sa ho boloka bojalefa ba AmaBhele, le ho tobana le liphephetso tsa phelisano le moruo, le ho kopanya AmaBhele ho phatlalla le lebatooa la Southern African Development Community (SADC) ka sepheo sa ntšetsopele.
Morabe oa AmaBhele o ne o se o ntse o ahile sebakeng seo hajoale e leng Ladysmith se KwaZulu-Natal mongoahengkholong oa bo-18, empa ka lebaka la liqoaketsoano le liphallo tse bileng teng ho ea qetellong le qalong ea mengoahakholo ea bo-18 le bo-19, o ile oa nama hape oa aha Kapa Bochabela le Lesotho.
Ndlela KaSompisi, eo matoto a macha a thupello a selemo le selemo a reheletsoeng ka eena, o nkoa e le moetapele oa bohlokoa nalaneng ea morabe oa AmaBhele. Ndlela e ne e le mora oa Sompisi KaGuqa eo, hammoho le sehlopha sa morabe oa AmaBhele, a ileng a phela ‘Musong oa ha Zulu. Mona, Ndlela, o ne a tsejoa e le mohlabani a sebete, a ba le setumo ‘Musong oa ha Zulu lilemong tsa bo-1820. Khabareng o ile a hlomamisoa joaloka tona-kholo le molaoli ke morena oa Mazulu Dingane ‘me e ne e le e mong oa balaoli ba baholo ba mabotho a Mazulu nakong ea Ntoa ea Blood River. Hape o ile a sireletsa bophelo ba eo e bileng morena oa Mazulu, Mpande ka ho mo hlokomelisa ‘momori o etsoang ke ngoanabo Dingane, oa ho mo fenetha le ho netefatsa ho hloloa ha mabotho a Dingane ke a Mpande Ntweng ea Maqongqo. Ka ho etsa joalo, Ndlela ha a ka a ba le seabo se seholo feela ho lihoeng ha ntlo ea Borena empa hape o ile a ba le seabo sa ho etsahatsa ho thehoa ha likamano tse ntle mahareng a Maafrikannere le Muso oa ha Zulu nakong ea puso ea Morena Mpande lilemong tsa bo-1840.
Uys o nahana ho nka monyetla oa ho ea le bo bua mantsoe a ‘maloa Thupellong ea pele ea Sehopotso ea Ndlela KaSompisi ke monyetla oa motonanahali. “Moloko oa rona o boetsa o boemong ba monyetla oa ho theha likamano tse ntle le tšebelisano-mmoho mahareng lichaba tse fapafapaneng tsa setso Afrika e ka boroa tse ipapisitsoeng le ho hlokomela tlhomphano mahlakoreng ohle. Mahokelo a lichaba tsa setso tse thehiloeng ka hona li na le seabo sa bohlokoa ho khonahatseng phelisano-mmoho ka khotso bakeng sa lichaba tsohle mona ntlheng e ka boroa ea Afrika,” Uys, a realo ha a phethela.