AfriForum e hanyetsana le mokgwaritso wa setshwantsho sa molao (bili) ya Manyi e reretsweng ho fedisa thuo ya poraevete ya mobu; e etsa kgweheletso ho baahi ba ditso tse fapaneng ho sireletsa dithaetlelediti tsa mobu wa bona
Mokgwaritso wa bili e sisintsweng ke Setho Sa Palamente sa Mokga wa MK, Mzwandile Manyi ke tlhaselo thuong ya mobu o poraevete le ho baahi bohle ba ditso tse fapaneng ba sebetsang mmoho ho lebisa ho ho se be mekopakopa, boikemelo ho latela setso le ho iketsetsa diqeto tsa ka hare tse ba amang ho latela molao wa matjhaba. Hona ke mohopolo wa ditokelo tsa baahi tsa mokgatlo wa AfriForum, oo ka Laboraro o rometseng kemedi e ngotsweng e kgahlano le Bili e Fetolang Mola wa Motheo lekgetlo la bo-22 ya Manyi – e rerileng ho fedisa thuo ya mobu ya poraevete nahaneng le ho etsa hore mmuso e be mohlokomedi wa mobu ohle le mehlodi ya tlhaho ka ho fetola Karolo ya 25 ya Molao wa motheo.
Ho ya ka Barend Uys, Hlooho ya Dikamano tsa Ditso tse Fapaneng le Tshebediso ho AfriForum (Head of Intercultural Relations and Cooperation at AfriForum), diphetoho tse sisintsweng di tla ba tlolo ya molao wa International Covenant on Civil and Political Rights, hammoho le Diatekele tsa 3, 14, 19, 20, 21 le 28 tsa African Charter on Human and Peoples Rights. “AfriForum e etsa kgweeletso ho baahi bohle ba ditso tse fapaneng le baetapele ba tsona ho sebedisa kapotlako Karolo ya 20 ya Molao wa 112 wa 1991 wa Upgrading of Land Tunure Rights ho sireletsa dithaetlelediti tsa mobu oo ba o laolang,” ha realo Uys.
AfriForum e hanyetsa ka matla mokgwaritso wa bili, kemeding ya yona e ngotsweng, e sisinya hore karolo ya 25 ya Molao wa motheo e dule e ntse e sa fetoha mabapi le, hara tse ding, tlasa mabaka a latelang:
- E tla qetella e fedisitse thuo ya poraevete ya mobu le ho hlakola tokelo ya motheo ya botho eo hajwale e tiiseditsweng ke Ditokelo tsa Motheo (Bill of Rights).
- E tla nefetsa hore batho ba itseng ba Maafrikannere le dihlotshwana tse nyane tsa baahi ba ditso tse fapaneng ba tla nkwa e le baahi ba tlase ho baahi ba bang, hoo e le se ba tlosang theo ya boahi bo lekanang le tekatekano molaong.
- E tla etsa baahi ba meetlo le ditso tse fapaneng le baetapele ba bona ba borena ba ba sebeletsang jwalo ka baetapele, ho ba bahiri ba moshwelella mobung wa bona le ho ba thibela ka molao ho rua mobu wa bona le ntshetsopele ka botlalo, taolo ya wona ntle le tshitiso. E tla thibela ho busetswa ha seriti sa bona, ho iponahatsa ha setso sa bona le boitshepo ba baahi ba ditso tse fapaneng le baetapele ba bona ba borena, kaha ba tla hlaloswa ho ya ho ile jwalo ka batho bao ho nahanwang ba sa “lokela” ho rua le ho laola mobu wa bona ka botlalo.
- Ho feta moo e tla fokodisa matla le tshusumetso ya baetapele ba borena, metheo ya boetapele ba moetlo le mekgatlo e meng ya baahi, hape e ntse fokotsa boikemelo ba setso le ditokelo tsa setso ka kakaretso. Phetoho ena e tla kgonahatsa keketso ya boiphahamiso ba bahlanka ba mmuso tshetsopeleng, bolaoding le pusong ya mobu le thepa ya baahi ba ditso tse fapaneng le dibaka tseo ba dulang ho tsona.
- E tla baka hore ditso kaofela le baahi ba bang, malapa le batho bao ho fihlela jwale ba fumanang mobu le thuo ya wona ho hlaha ho pusetso ya mobu ho nkelwa mobu wa bona le pusetsa morao dintle tse seng di fihletswa tse amanang le pusetso ya mobu.
- E tla baka koduwa ya moruo mme kahoo tshotleho e sokang e bonwa mabapi le boholo ba baahi ba naha, kaha tshepo ya batsetedi e tla swahlamana.
“Mokgwaritso wa bili ka kotloloho o lebisitswe ho Maafrikannere jwalo ka baahi ba setso ba ikgethileng, jwalo ka ha Boafrikannere ke boahi feela ba setso bo nkile mohla la 6 Mmesa 1652 jwalo ka letsatsi la bohlokwa ho thehweng ha bona jwalo ka baahi ba setso Afrika Borwa. E iphapanyetsa popo ya ditso tse fapaneng tsa setjhaba sa rona le nalane e raraneng ya naha le lebatoha le amanang le motsamao wa baahi ba ditso tse fapaneng, malapa le batho, sebopeho le ho heletsa ha setso le baahi ba bang le ditjhaba ha nako e ntse e tsamaya le diphetoho tse amanngwang le tshebediso ya mobu, ho dula, thuo hammoho le ntlha ya hore sekgahla hodima tikoloho ya tlhaho le tlelaemente hodima tikoloho,” Uys a phethela jwalo.