|

Selekane e etsnag nalalane ho netefatsa thupelo ea tlhahiso ea meroho bakeng sa litho tsa setjhaba

Nantes Kelder (English)

Litho tsa sechaba sa Batlokoa Ba Mota sa baahi ba setso ba Tsheseng QwaQwa Freistata se fumane thupelo ea tlhahiso ea meroho ho hlaha ho AfriForum mohla la 8 Tšitoe 2025 e tsepameng holima ntlafatso ea mekhoa ea temo e etselitsoeng baahi ba nang le mehloli e fokolang . Thupelo e ne e kenyelelitse ntlafatso ea mobu le ho lokisetsa, ho koahela mobu ka joang, mahlaku, mahlaka, jj. bakeng sa ho boloka metsi, ho tsetsisa mobu khahlano le boemo ba leholimo le taolo ea lehola, ho jala, tlhokomelo ka kakaretso le taolo hammoho le bokhoni ho tsa bophelo. Mohato o latelang tšebetsong ea ho tšehetsa baahi ho matlafatsa bokhoni ba ho iphelisa le ho ho itšepa ho entsoang ke selekane se etsang nalane e ne e ntšetsoa pele tlasa boetapele ba Phethahatsao ba Ntlo ea Naha ea Baetapele ba Setso le Khoi-San (NHTKL) le AfriForum, Saai le ofisi a Morena e Moholo (Moetapele ea ka Sehloohong oa Setso) Montoeli Mota oa Batlokoa Ba Mota mmoho le balekane ba bang.

Hona ho etsahala kamora hore ho phatlalalitsoe ho ke nngoa tšebetsong ho atlehileng ha mokhoa oa phepelo ea metsi ka tsela ea solar o fanang ka metsi ka ho tšepahala  serapeng sa meroho sa lehae o tla fepela meroho phepelong ea lijo  (feeding scheme) ea lehae, eo hautšoanyana e neng e tobane le khaello ea meroho. Selekane sena se etsang nalane se ne se thehoe joaloka tlhomamiso ea selemo le selemo ea Lenaka Memorial Lecture e neng e tšoaretsoe Sekolong se Phahameng sa Manthatisi se Sedibeng mafelong a 2024.

“Ho a khothatsa ho bona khatelopele e latelang e ntle ea selekane sechabeng sa rona. Boikemisetso, boitlamo, tsebo le bokhoni ke tsa bohlokoa ho netefatsa katleho ea porojeke e nngoe le e nngoe. Re motlotlo selekaneng bakeng sa ho hlomella litho tsa sechaba sa rona ka tsebo le bokhoni tse hlokahalang ho etsa tlhahiso ea mehloli e fokolang ea meroho e be ntho ea ‘nete. Ke lebeletse ka tjantjello ho khuoa  meroho lekhetlo la pele,” ho realo Morena e Moholo Montoeli Mota, Morena e Moholo oa Batlokoa Ba Mota ba baahi ba setso.

Lenaka Memorial Lecture e tšoaroang selemo le selemo e sebetsa joaloka motheo oa ho keteka bojalefa ba rona le boitsebahatso ba setso sa rona ha e ntse e ntšetsa pele tsoelopele ea phelisano le moruo ka hara baahi ba setso. NHTKL e latelang katamelo ea ho matlafatsa lilekane, ho ntlafatsa bokhoni ba mokhatlo ho sibolla menyetla  bakeng sa kholo e itšetsang pele. Re khothatsoa ke ntlha ea hore boithaopo bona bo lebisitse thupelong le ho fetisa bokhoni bakeng sa baahi bana ba mahaeng e tla ba le seabo se lebisang letlotlong le sa tlo fela,” ho realo Khosi Thabo Seatlholo, Molulasetolo oa NHTKL.

“Thupelo e mabapi le ho feta feela ho ho fetisa tsebo  ea theknolji ea ho etsa ka matsoho le bokhoni bo amanang le ho intšetsa pele le tlhahiso ea meroho enang le phahello. Hape e mabapi le ho hlomella litho tsa baahi ka bokhoni ba bophelo bo tla ba le sekhahla se nepahetseng maphelong a bona a letsatsi le leng le le leng. Marangrang a Baahi ba Setso, a thehiloeng baahing ba tlasetlase ba ba setso a ipapisetseng  le tlhokomelano ea kutloano le tlhompho, a a matlafala ‘me a betla tsela ea bokamoso bo atlehileng ba bana ba litso tse fapaneng,” ha realo Nantes Kelder, Mohokahanyi oa Projeke ea Naha oa Likamano  le Tšebelisano ea Litso tse ngata AfriForum (National Project Coordinator of Intercultural Relations and Cooperation at AfriForum).

“Re motlotlo bakeng sa monyetla ona oa ho matlafatsa litho tsa baahi harehare mahaneg, sebakeng sa sechaba ka tsebo le bokhoni  bo tla matlafatsa bokgoni ba bona ho fokotsa phepompe le ho iphelisa ka temo,” ha realo Dr Theo de Jager, Molulasetulo oa Boto ea marangrang a balemi ba lapeng oa Saai.

Similar Posts

Ons is Afrikaners